Modimo, o mosa - Rea u leboha
Ha u re file sebaka - sa ho hlaha mona.
Tlotlisoa, Morena
Bitso la hao le tlotlisoe
U holisoe hohle, hohle
U tsejoe ke batho bohle, Ba tla kena mona.
Mosebetsi ona - O moholo-holo
Oa ho emisa ntlo ena, - Joale o phethiloe
Tlotlisoa, Morena… 🙏🏽
Ke tla tseba joang hoba ke tšoaretsoe
Be tsohle tsa ka le tsa bonyenyane?
Ho ‘na ke phahlo e boima hampe
Li kaa ka lehlabathe la leoatle.
Ke tla tseba joang hoba ke lumetse
Ka tumelo e phelang, ea sebele?
Saran’o ntšela ka lipelaelo
O re ha ke na ho phema timelo. 🙏🏽
-Lifela Tsa